BASADI DIKGAUNG TSA METSI TSA 2005
Ka ho ela hloko seabo seo basadi ba bileng le sona, mme seo hape ba ntseng ba tswela pele ho ba le sona mokgeng wa metsi mona Afrika Borwa, Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru, ka tshehetso ya Khomishene ya Diphuputso ya Metsi le Institjhute ya Metsi ya Afrika Borwa, selemo le selemo di tshwara mekete ya ho aba dikgau tse tsejwang ka Basadi Dikgaung tsa Metsi.
Sepheo sa mosebetsi ona ke ho tlotla le ho keteka seabo seo basadi ba bang le sona mokgeng wa metsi le ho lemosa ka:
Karolo eo basadi ba diprofeshenale ba hlahang hara baahi ba bang le yona taolong ya metsi; le
Seabo sa bohlokwa seo ba bang le sona ka metsi tekong ya ho fedisa bofuma, thutong le ntshetsopeleng e tswellang dibakeng tsa ditoropong ekasitana le ho tsa mahaeng.
Selemo le selemo ka dikgau tsena ho tlotlwa basadi ba bileng le seabo sa bohlokwa hape se etelletseng pele dihlopheng tsena tse latelang:
Diphuputsong tsa ba seng ba Hodile (mona ho thongwa motho ya dilemo tse 35 le ka hodimo ho moo)
Diphuputsong tsa ba sa leng batjha (mona ho thongwa motho ya dilemo tse ka tlase ho 35)
Ntshetsopele ya Baahi
Thuto le Temoso; le
Taolo le ho etswa ha Diqeto.
Batho ba thongwang dihlopheng tsena e ka ba motho a le mong kapa sehlopha. Dikgau tsena di tla fuwa basadi ba fihletseng maemo a itseng, basadi ba sebeditseng ka bokgabane mosebetsing wa bona, mme ba kentseng letsoho ka mokgwa o bonahalang haholo mokgeng wa metsi mona Afrika Borwa.
TSELA YA HO THONYA MOTHO BAKENG SA DIKGAU TSA BASADI DIKGAUNG TSA METSI TSA 2005
Hona ho tla sebediswa jwalo ka tataiso ya ho thonya mosadi/basadi ba amehang diprojekeng tsa metsi tse latelang melawana ya tshebetso e tlwaelehileng ekasitana le tse sa lateleng melawana ya tshebetso e tlwaelehileng
Bopaki ba rekoto ya se fihletsweng le ho ba le seabo ho sona;
Tsamaiso ya projeke le ho e kenya tshebetsong;
Ho ba le kabelo maikutlong a nang le tshepo mmoho le diphetoho boitshwarong;
Ho ba le kabelo ntshetsopeleng le ho kenya tshebetsong projeke/diprojeke tse tla tswellang;
Ho kenya letsoho seabong sa setjhaba/baahi/bathahaselli/ba nkang karolo;
Phehello le mamello;
Ho kenya letsoho tshebetsong tsa ho etsa diqeto;
Boikarabelo; le
Bokgabane ba ho susumeletsa.
LETSATSI LA HO QETELA
Diforomo tse tlatsitsweng tsa ho thonya mabitso a batho di lokela ho kena pele ho feta la 15 Pudungwana 2004.
MOO LE KA ROMELANG TENG
Romelang diforomo tsa lona ho:
